-->

Batjha Dikolotong

Batjha baAfrika Borwa ba dikolotong ho fetapele; empa ba sa ntse ba tswelapele ka bophelo ba maemo. Ka Trevor Crighto

Ose o qetile yunivesithing mme o thotse mosebetsi; mme ha ¡wale o na le mokgolo o tsitsitseng. O lekeha hore o sebedise tjhelete bakeng sa tjhebeho, o bonahale o le motho ya pele le ho kganna koloi e mabaibai. Ke ka hoo batjha ba bangata ba Afrika Borwa ba iphumanang ba le dikolotong leha ba na le mesebetsi e pele.

Tekolo ya Mutual ya Polokelo le Matsete e bontsha hore maemo a dikoloto a phahame haholo ho tloha ka 2012, mme ke kgetlo la pele a feta dipolokelo ho tloha ka tlalehong ya pele ya tekolo ena ka 2011.

Lesego Monareng, moreri wa tjhelete wa taolo ya maruo a ikemetseng Old Mutual, o dumela hore marangrang a kgokahano a ama batjha hore ba qetelle ba reka tlolo bakeng sa maemo a hodimo a bophelo. “Ekare batjha ba sebedisa tjhelete e ngata bakeng sa tjhebeho ya bona – moriri, make-up, le aparo tse bitsang. Mekotla le dieta, mmoho le dikoloi le ho hlahella bakeng tsa maemo,” o rialo.

Luke Martins, motataisi wa thero ya ditjhelete, wa Old Mutual Wealth, o a dumela. O re bongata ba na le sekoloto sa tefello ya thuto, kapa ba lefella koloi ya bona ya pele ha ba qala ho sebetsa. “Empa ha ba a ikemisetsa ho sebetsa ka thata bakeng sa bophelo ba maemo ao ba a thabelang,” ho rialo Luke.

Tekolo ya Old Mutual e bontsha hore batjha ha ba na tjhebelopele ya bokamoso jwaloka pele. Dipolokelo tse sa tiisetswang, tse kang di-stokvel, di eketsehile batjheng ba batho ba batsho, mmoho le keketseho ya kadimo ya tjhelete. Ke batjha ba 38% feela ka bolokang tjhelete ya ho beha me|a fatshe, mme ba 50% ba bona ba sa ntse ba dula le batswadi.

Ho ya ka Luke, dipatlisiso di re, batjha ba ha ¡wale, ba tjhentjha mesebetsi ho feta ba meloko e fetileng. O hlalosa hore sena se bakwa ke hoba ba hloka tjhelete e ngata ho kgona maphelo a bona. “Sena se bonahala hope taolong ya tjhelete tsa bona. Ho a kgonahala hore e be Maafrika
Borwa a na le tlwaelo e mpe ya ho se boloke tjhelete. Sena se etsahala haholo batjheng ba ratang ho reka,” o rialo. “Ke yona ntho e bakang ho re batho ba phele ka maemo a phahameng ho feta bokgoni ba bona, mme ba sebedise karete tsa mekitlana le ho kadima ditjhelete,” o a eketsa.

Tlaleho ena e bontsha hore kadimo ya ditjhelete e a eketseha – dibankeng, matjhoniseng kapa metswalleng le lelapeng. Leha kadimo e thusa nakwana, bonneteng, e ntse e le sekoloto se seng seo moreki a se eketsang.

Ha se batjha feela ba kadimang tlolo. CEO ya Debt Rescue, Neil Roets, o re ke ho isa ho 48% ya bakadimi ba ditjhelete Afrika Borwa e nkuwang e le dikolotong tlolo.

“Ha ntho e se lenaneng, se kgahlwe wa e reka; le ha o qeta ho kgola.

Sena se bolela hore ba na le tumellano e le nngwe kapa tse pedi tsa dikadimo, tse sa lefellwang kgweding tse tharo. “Dipalopalo di bontsha hore ka tlwaelo, mokadimi o na le kadimo tse 14 tse sa sireletsehang, kadimo ya koloi le ya ntlo; mme palo ena e eketseha ka selemo,” o rialo. Empa bothata ka batjha ke hore ba qala ho sebetsa ka dikoloto. Sena se a tshosa ha o ka nahana hore na karolo tse ding tsa maphelo a bona di jwang, ntle le ha ba ka lokisa dintho.

Luke o re ho qoba sekoloto ho thusa ho qoba sekoloto ka botlalo. “Ithute ho hana, mme o thabele ho etsa jwalo. Satalla o se bule karete ya mekitlane kapa ya lebenkele lemong tse tharo tsa ho sebetsa ha hao. O tla makalla hore na o kgona ho phela hamonate jwang ntle le tsona, o be o ba le tlwaelo e ntle ya polokelo,” o a kgothaletsa.

Mohlang o fumanang karete ya hao ya mekitlane, se reke letho leo o ke se kgoneng ho le lefella kgweding tse tharo tse tlang. Ho ba moreki ya masene ke tsela e nngwe ya ho qoba sekoloto. “O ke se qobe ho reka diaparo tsa maemo a loketseng, mme he, batlana le ditheko ka hloko haholo tsa ho ya mosebetsing, kapa ditheolelo, o be o reke le aparo tse hlileng di hlokehang; e seng hobane e le feshene. Sa bohlokwa ke ho etsa lenone la ditekanyetso!

Ha ntho e se lenaneng, se e reke; le ha o qeta ho kgola. Sa pele ke ho boloka, e seng ho sebedisa tjhelete – ke tlwaelo e diehisang ho kgwahlwa ke dintho,” ho eletsa Luke.
Ha o iphumana o se o kene dikolotong, ho na le mehato eo o ka e nkang ho rarolla seo pele nako e ja babedi. “Ntho ya pele, ke ho lesa tlwaelo e o kentseng dikolotong. Tabola karete ya hao ya mekitlane kapa o e paté ho fihlela o patetse sekoloto sa hao. Ha o na le karete ya lebenkele, mme o se o qetile ho e lefella, e kwale,” ho rialo Luke.

“Etsa lenone la tekanyetso, o lefe le mekitlane ya hao, ha o qeta ho kgola. Ha o na le tjhelete e salang ha kgwedi e fela, potala koloto tse ding hape. Ka kadimo ya nako e kgutshwane, phaello e ba hodimo, mme ho molemo ho lefa kotolo seo pele,” o a eketsa.

Lesego o re ho na le mefuta ya mekitla – mme ho thwe ke e mebe le e metle. “Mekitlane e metle e o thusa ho reka thepa e tla etsa o ohe phaello kamoso, jwalo ka ntlo; kapa e tla kenya tjhelete, jwaloka kgwebong,” o rialo. “Mekitlane e mebe e na le phaello e hodimo eo o ke keng wa kgona ho e fokotsa. E baka o be le lebitso le lebe.”

Taba ya ho qetela, mosebetsi wa moeletsi wa ditjhelete, ho o thusa ka tsela tsa ho boloka le ho tsetela, o bohlokwa haholo.

“Ho thata ho fihlella ditoro tsa hao ntle le thero e ntle ya ditjhelete. Batjha ba na le monyetla wa ho ithuta diketsong tsa ba bang, mme ba ka ba menahanya phaello, hobane ba sa na le nako. Matsete a bokamoso ba hao ke thero e pele ya ditjhelete o sebetsa le moreri wa ditjhelete ya hlwahlwa,” Luke o a kwala.

Need immediate financial help?

Thank you!

We look forward to the opportunity to get you debt-free!

Subscribe to Our Weekly Email